Baefese
Khaolo 6:2-8
BIBELE e Halalelang
2Hlonepha ntatao le mmao — ke oo molao wa pele o nang le pallo —
3o tle o be le lehlohonolo, mme o phele halelele lefatsheng.
4Mme lona bontata bana, le se ke la halefisa bana ba lona; le mpe le ba hodise ka ho ba laya le ka ho ba rutela Moreneng.
5Bahlanka, utlwang ka tshabo, le ka thothomelo, le ka tshepeho ya dipelo tsa lona, bao e leng beng ba lona ka nama, jwalokaha le utlwa Kreste.
6Le se ke la ba sebeletsa feela ha ba le tadimile, jwaloka hoja le rata ho kgahlisa batho; le mpe le etse ho rata ha Modimo, ka pelo ka ho re, le bahlanka ba Kreste;
7le ba sebeletse ka pelo e ntle, le ntse le sebeletsa Morena, e seng batho;
8le ntse le tseba hobane e mong le e mong, leha e le ya ruilweng, leha e le ya sa ruwang, o tla newa ke Morena ka tekano ya botle boo a bo entseng.