Bafilipi
Khaolo 1:12-18
BIBELE e Halalelang
12Banabeso, ke rata ha le ka tseba hoba tse ntlhahetseng di thusitse haholo ho ntshetsa Evangeli pele.
13Ho tlangwa ha ka ka baka la Kreste ho bile ha tuma hohle tlung ya borena, le ka nqa tsohle tse ding.
14Mme jwale, ba bangata ho bana babo rona Moreneng ba ekeleditswe matla a ho bolela lentswe la Modimo, ba se na tshabo, ka ho kgothahala ke ditlamo tsa ka.
15Ba bang ba fela ba etsa jwalo ka mona le ka kgang; empa ba bang ba bolela Kreste ka pelo e kgabane.
16Ba bang ba bolela Kreste ka kgang, e seng ka pelo e ntle, ba lekanya hoba ba tla eketsa bohloko ba ditlamo tsa ka.
17Empa ba bang ba etsa ka lerato, ka ho tseba hoba ke beilwe hore ke emele Evangeli.
18Ho nang? Kreste o ntse a bolelwa ka mekgwa yohle, leha e le ka boiketsiso, leha e le ka nnete; mme ke thabile ke hona, mme ke ya nne ke thabe.