Bafilipi
Khaolo 1:16-22
BIBELE e Halalelang
16Ba bang ba bolela Kreste ka kgang, e seng ka pelo e ntle, ba lekanya hoba ba tla eketsa bohloko ba ditlamo tsa ka.
17Empa ba bang ba etsa ka lerato, ka ho tseba hoba ke beilwe hore ke emele Evangeli.
18Ho nang? Kreste o ntse a bolelwa ka mekgwa yohle, leha e le ka boiketsiso, leha e le ka nnete; mme ke thabile ke hona, mme ke ya nne ke thabe.
19Ke tswe ke tseba hobane hoo ho tla mphetohela polokeho ka merapelo ya lona, le ka tshitso ya Moya wa Jesu Kreste,
20ka tebello e tiyang ya ka, le ka tshepo eo ke nang le yona, ya hoba nke ke ka swabiswa tabeng leha e le nngwe; ke mpa ke tsebisisa hore, esita le jwale le mehleng yohle, Kreste o tla tlotliswa mmeleng wa ka, leha e le ka ho phela ha ka, leha e le ka ho shwa ha ka.
21Hobane ho nna ho phela ke Kreste, mme ho shwa ke moruo.
22Ha ke tsebe ha ho ka ba molemo ho nna ho phela nameng, le hoba ke tshwanetse ho kgetha ka kae;