Bafilipi
Khaolo 1:2-8
BIBELE e Halalelang
2Le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo, Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste.
3Ke leboha Modimo wa ka kamehla yohle ha ke le hopola;
4ke ntse ke le rapella bohle kamehla, ka thabo, merapelong yohle eo ke e etsang,
5kahobane le fela le kgomaretse Evangeli, haesale mohla le qalang ho e utlwa, ho fihlela jwale.
6Ke tshepile hobane ya qadileng mosebetsi o molemo ho lona, o tla fela a o phethe, ho isa tsatsing la Jesu Kreste.
7Ho lokile, ha ke ikutlwa jwalo bakeng sa lona bohle, kahobane, ditlamong tsa ka, le boikarabelong ba ka, le tiisong ya Evangeli, ke na le lona ka pelong ya ka; hobane bohle le nkile kabelo mohaung hammoho le nna.
8Hobane Modimo ke paki ya ka ya hobane ke le hlolohetswe bohle leratong la Jesu Kreste.