Bafilipi
Khaolo 2:18-24
BIBELE e Halalelang
18Le lona, le thabele hona hoo, le thabe le nna.
19Ke tshepile ho Morena Jesu hobane ke tla phakisa ke le romele Timothea, ke tle ke kgothahale, ha ke utlwa kamoo taba tsa lona di dutseng kateng.
20Hobane ha ke na e mong eo pelo ya hae e tshwanang le ya ka jwaloka yena, leha e le ya hlokomelang taba tsa lona ka sebele jwaloka yena.
21Hobane bohle ba ipatlela tsa bona, e seng tsa Jesu Kreste.
22Empa yena, le tseba diketso tsa hae, kamoo a ntshebeleditseng Evangeling kateng, jwoloka ngwana ha a sebeletsa ntatae.
23Ke yena eo jwale ke tshepileng ho mo romela ho lona, ha ke se ke bone tseo ke leng hara tsona hore na di feletse kae.
24Hape, ke kgolwa Moreneng hoba le nna ke tla tla kapele ho lona.