Bafilipi
Khaolo 2:24-30
BIBELE e Halalelang
24Hape, ke kgolwa Moreneng hoba le nna ke tla tla kapele ho lona.
25Empa ke lekantse hobane e ka kgona ke le romele Epafrodite, ngwaneso le motlatsi wa ka mosebetsing le hlabanong, lenqosa la lona le ho nna, le mmaballi wa ka bohloking.
26Hobane o ne a le hlolohetswe haholo bohle, mme o ne a belaela haholo kahobane le utlwile ho kula ha hae.
27O fela a kile a kula, a batla a eshwa; empa Modimo o mo hauhetse, e seng yena a nnotshi, empa le nna, hore ke tle ke se ke ka imelwa ke mahlomola a kallanang.
28Ke phakisitse ka mo romela ho lona ke hona, hore, ha le boela le mmona, le ke le thabe, mme le nna ke lese ho hlomoha.
29Le fele le mo amohele Moreneng ka thabo yohle, mme le hlomphe batho ba jwalo.
30Hobane o kile a atamela lefu ka baka la mosebetsi wa Kreste, a tedile ho phela ha hae, a tle a tlatse tseo le neng le sitwa ho nketsetsa tsona.