Bafilipi
Khaolo 3:12-18
BIBELE e Halalelang
12E seng hore ke se ke nkile moputso, leha e le hore ke se ke phethehile; empa ke ntse ke phalla hore ke tle ke hape seo Kreste le yena a nkgapetseng sona.
13Banabeso, haele nna, ha ke itekanye hore ke se ke se hapile;
14empa ke etsa ho le hong feela: ke lebala tse kamorao, mme ke hahamalla ho tse kapele; ke mathela moo ho lekantsweng teng, e leng pheo eo re e biletswang hodimo ke Modimo, ka Jesu Kreste.
15Ka baka leo, rona bohle ba phethehileng, a re ke re ikutlweng jwalo; mme ha le ena le boikutlo bosele nthong e nngwe, le hona Modimo o tla le senolela hona.
16Empa haele moo re setseng re fihletse teng, re ke re tsamaye ka molao o le mong.
17Banabeso bohle hammoho le be baetsisi ba ka, mme le ele hloko ba tsamayang ka mehlala eo re le etseditseng yona.
18Hobane ba bangata bao ke seng ke ba boletse ho lona hangata, le jwale ke sa ba bolela ka ho lla, ba tsamaya e le dira ho sefapano sa Kreste;