Bafilipi
Khaolo 4:1-6
BIBELE e Halalelang
1Ka baka leo, bana beso ba ratwang, ba hlolohelwang haholo, lona bao le leng thabo ya ka, le moqhaka wa ka, ha le ke le tiye jwalo Moreneng, baratuwa.
2Ke kgothatsa Efodia, ke kgothatsa Sintike, hore ba be le pelo e le nngwe Moreneng.
3Le wena, molekanaka wa sebele jokong, ke a o rapela, ke re, o thuse basadi bao ba ntlatsitseng Evangeling, ba ena le Klemense, le bantshebedisi ba bang, bao mabitso a bona a ngodilweng bukeng ya bophelo.
4Ithabeleng Moreneng kamehla; ke boela ke rialo, ke re: Ithabeleng.
5Mosa wa lona o tsejwe ke batho bohle. Morena o haufi.
6Le se ke la belaella letho; empa nthong tsohle seo le se batlang, le ke le se tsebise Modimo ka thapelo le ka kopo e nang le teboho.