Bafilipi
Khaolo 4:10-16
BIBELE e Halalelang
10Ke thabile haholo Moreneng, kahobane jwale le boetse le nkgopotse; athe le ne le fela le hopotse, empa le ne le hloka sebaka.
11Ha ke bolele ka baka la ho hloka; hobane ke ithutile ho kgolwa ditabeng dife le dife tseo ke leng ho tsona.
12Ke tseba ho kokobetswa, ke tseba le ho atelwa ke dintho; kahohle le nthong tsohle, ke ithutile ho kgora le ho lapa, ho ba naleng le ho ba bofumeng.
13Nka etsa tsohle ka Kreste ya mphang matla.
14Leha ho le jwalo, le entse hantle, ha le nthusitse bohloking ba ka.
15Le a tseba le lona, Bafilipi, hoba, enere ha ke tswa Masedonia, ha ke qala ho le bolella Evangeli, ha ho a ka ha eba le kereke e nneileng letho le ka bitswang mpho, leha e le kamohelo, haese lona le nnotshi.
16Esitile leha ke le Thesalonika, le nthometse hang le habedi seo ke neng ke se hloka.