Bafilipi
Khaolo 4:12-18
BIBELE e Halalelang
12Ke tseba ho kokobetswa, ke tseba le ho atelwa ke dintho; kahohle le nthong tsohle, ke ithutile ho kgora le ho lapa, ho ba naleng le ho ba bofumeng.
13Nka etsa tsohle ka Kreste ya mphang matla.
14Leha ho le jwalo, le entse hantle, ha le nthusitse bohloking ba ka.
15Le a tseba le lona, Bafilipi, hoba, enere ha ke tswa Masedonia, ha ke qala ho le bolella Evangeli, ha ho a ka ha eba le kereke e nneileng letho le ka bitswang mpho, leha e le kamohelo, haese lona le nnotshi.
16Esitile leha ke le Thesalonika, le nthometse hang le habedi seo ke neng ke se hloka.
17Hase hoba ke batla dimpho, empa ke batla ditholwana tse ka le atelang ho le ruisa.
18Ke fela ke amohetse tsohle, mme ke atetswe haholo; ho tletse ho nna, ka ho nka ho Epafrodite tse tswang ho lona, tseo e leng monkgo o monate le sehlabelo se amohetsweng ke Modimo, se o kgahlisang.