Filemone
Khaolo 1:1-6
BIBELE e Halalelang
1Nna, Pauluse, moholehuwa wa Jesu Kreste, ke ena le Timothea, ngwaneso, ke ngolla wena, Filemone, moratuwa le mosebedisi wa rona,
2le Afia, ya ratwang, le Arkipe, molekane wa rona hlabanong, le kereke e ka tlung ya hao, ke re:
3Le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo, Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste!
4Ke leboha Modimo wa ka kamehla, ha ke ntse ke o hopola merapelong ya ka,
5kamoo ke utlwang tumelo ya hao ho Morena Jesu kateng, le lerato la hao ho bahalaledi bohle.
6Ke kopa hore tumelo ya hao, eo re kopaneng le wena ka yona, e tle e sebetse ka matla, o tle o bontshise molemo wohle o ka etsetswang Jesu Kreste ha heno.