Filemone
Khaolo 1:10-16
BIBELE e Halalelang
10ke rapella ho wena Onesima, ngwanaka, eo ke mo tswetseng ke le ditlamong,
11ya neng a se na thuso ho wena pele, empa jwale o na le thuso ho wena le ho nna, mme ke mo kgutlisetsa ho wena.
12Mo amohele hle, hobane ke pelo ya ka ka sebele.
13Ke ne ke hopotse hore nka mo thibela hore a dule le nna, a tle a ntshebeletse bakeng sa hao, ditlamong tsa Evangeli;
14empa ha ke a ka ka rata ho etsa letho ke eso ho tsebe molomo wa hao, hore botle boo ba hao bo se ke ba etswa ke wena ka ho qophellwa, e mpe e be ka ho ithatela ha hao.
15Hape, ekaba ha a ile a kgaohana le wena ka nakwana e kgutshwanyane, e ne e le hore o tle o boele o be le yena kamehla;
16e tle e se ke ya hlola e eba mohlanka, e mpe e be ya fetisang mohlanka, e be moena ya ratwang, haholo ke nna, haholoholo ke wena ka nqeng ya nama le ka nqeng ya Morena!