Filemone
Khaolo 1:3-10
BIBELE e Halalelang
3Le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo, Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste!
4Ke leboha Modimo wa ka kamehla, ha ke ntse ke o hopola merapelong ya ka,
5kamoo ke utlwang tumelo ya hao ho Morena Jesu kateng, le lerato la hao ho bahalaledi bohle.
6Ke kopa hore tumelo ya hao, eo re kopaneng le wena ka yona, e tle e sebetse ka matla, o tle o bontshise molemo wohle o ka etsetswang Jesu Kreste ha heno.
7Efela, re na le thabo le tshediso e kgolo leratong la hao, kahobane dipelo tsa bahalaledi di kgatholotswe ke wena, ngwaneso.
8-9Ka baka leo, leha ke ena le tokelo e kgolo, ka baka la Kreste, ya ho o laela se o tshwanelang, ke ikgethetse, ka baka la lerato, ho o rapela, nna, ke leng Pauluse, monna ya hodileng, ya bileng a tlamilwe tshiung tsena ka baka la Jesu Kreste:
10ke rapella ho wena Onesima, ngwanaka, eo ke mo tswetseng ke le ditlamong,