1 Bathesalonika
Khaolo 2:2-8
BIBELE e Halalelang
2Empa leha re ne re utlwisitswe bohloko pele motseng wa Filipi, ra ba ra tshwenngwa hampe, jwalokaha le tseba, re kile ra tiya matla, ke ho tshepa Modimo wa rona, ho le bolella Evangeli ya Modimo hara ntwa e kgolo.
3Hobane dikgothatso tsa rona hase tse tswang leshanong, leha e le ditshileng, leha e le manong.
4Empa jwalokaha Modimo o re bone re le ba tshwanelwang ke ho abelwa tshebetso ya Evangeli, re bua jwalo, e seng hore re kgahlise batho, e le hore re mpe re kgahlise Modimo o lekolang dipelo tsa rona.
5Hape, ha re a ka ra ba le polelo e le qekang le ka mohla o le mong, le lona le a tseba, leha e le mano a patang takatso ya moruo; teng re pakwa ke Modimo.
6Le hona ha re a ka ra batla poko ho batho, leha e le ho lona, leha e le ho ba bang; leha re ne re lokela ho ipea boholo, kahobane re baapostola ba Kreste.
7Empa re bile mosa hara lona, jwaloka moanyesi ha a hlokomela bana ba hae ka lerato.
8Ka mokgwa o jwalo, ka baka la ho le rata, re eleditse hore re tla le nea e seng Evangeli ya Modimo feela, empa le yona meya ya rona, kahobane le le baratuwa ba rona ruri.