1 Bathesalonika
Khaolo 5
BIBELE e Halalelang
1Haele tsa mehla le tsa dinako, banabeso, ha le tshwanele ho di ngollwa.
2Le tswe le tseba hantlentle le lona hoba letsatsi la Morena le tla hlaha jwaloka leshodu la bosiu.
3Hobane mohla ba tla re: Ho kgotso, ho iketlilwe! ke moo tshenyeho e tla ba wela hodimo ka sehloho, jwaloka pelehi ha e hlahela moimana, mme ba ke ke ba phonyoha.
4Empa haele lona, banabeso, ha le lefifing hore letsatsi leo le ka le wela ka sehloho jwaloka leshodu.
5Bohle le bana ba lesedi, le bana ba motshehare; ha re ba bosiu, leha e le ba lefifi.
6Ka baka leo, a re se keng ra robala jwaloka ba bang, re mpe re fadimehe, mme re tshabe botahwa.
7Hobane ba robalang, ba ye ba robale bosiu; le ba tahwang, ba ye ba tahwe bosiu.
8Empa rona, bao re leng bana ba motshehare, a re tshabeng botahwa, mme re apare tshireletso ya sefuba, e leng tumelo le lerato, mme re rwale heleme ya tshepo ya poloko.
9Hobane Modimo ha o a ka wa re beela bohale, empa e le ho re ruisa polokeho ka Morena wa rona Jesu Kreste,
10ya re shwetseng, hore, leha re fadimeha, leha re robetse, re phelele mahong le yena.
11Ka baka leo, le ke le tshedisane, mme le hahisane, jwalokaha le fela le etsa.