1 Bathesalonika
Khaolo 3:3-9
BIBELE e Halalelang
3ho tle ho se ke ha eba ya sisinngwang ke dihloriso tseo; athe le fela le tseba hobane re abetswe tsona.
4Hobane esitile re sa na le lona, re nnile ra le bolella pele hore e ka kgona re hloriswe, jwalokaha ho etsahetse le hona, le jwalokaha le tseba.
5 Ke re, ka baka la ho hlolwa ke ho le hlolohelwa, nkile ka roma Timothea, a tle a bone kamoo tumelo ya lona e dutseng kateng; esebe mohlomong moleki a le lekile, mme mosebetsi wa rona wa fetoha lefeela.
6Empa Timothea, ha a etla ho rona a etswa ha heno, o re behetse ditaba tse monate tsa tumelo ya lona le tsa lerato la lona, a re, le ntse le re hopotse kamehla, le lakatsa haholo ho re bona jwalokaha le rona re lakatsa ho le bona.
7Efela banabeso, re tshedisitswe ke lona, ka tumelo ya lona, mahlomoleng wohle a rona le tsietsing tsa rona.
8Hobane jwale, ha le tiile Moreneng, re a phela.
9Mme re ka ananela ho Modimo bakeng sa lona ka teboho efe, ka baka la thabo yohle eo re le thabetseng ka yona pela Modimo wa rona?