1 Bathesalonika
Khaolo 4:1-6
BIBELE e Halalelang
1Haele ka ho hong, banabeso, re a le rapela, hape re le kgothatsa ka Morena Jesu, hore, jwalokaha le ithutile ho rona kamoo le tshwanetseng ho tsamaya le ho kgahlisa Modimo kateng, le nne le hole teng kamehla.
2Le tswe le tseba ditaelo tseo re le neileng tsona ka Morena Jesu.
3Hobane ho rata ha Modimo ke hore le halalele, le hore le tshabe bofebe,
4le hore e mong le e mong ho lona a tsebe ho bolokela pitsa ya hae kgalalelong le hlonephong,
5e seng ditakatsong tse mpe, jwaloka bahetene ba sa tsebeng Modimo.
6Hape, motho a se ke a hata ngwanabo, leha e le ho mo senyetsa tabeng leha e le nngwe; hobane Morena ke mophethetsi wa ntho tsohle tse jwalo, jwalokaha re se re kile ra le bolella pele ka komelo e tiileng.