1 Bathesalonika
Khaolo 5:8-14
BIBELE e Halalelang
8Empa rona, bao re leng bana ba motshehare, a re tshabeng botahwa, mme re apare tshireletso ya sefuba, e leng tumelo le lerato, mme re rwale heleme ya tshepo ya poloko.
9Hobane Modimo ha o a ka wa re beela bohale, empa e le ho re ruisa polokeho ka Morena wa rona Jesu Kreste,
10ya re shwetseng, hore, leha re fadimeha, leha re robetse, re phelele mahong le yena.
11Ka baka leo, le ke le tshedisane, mme le hahisane, jwalokaha le fela le etsa.
12Re a le rapela, banabeso, re re: Le ke le hlomphe ba sebetsang hara lona, ba le busang Moreneng, ba le kgothatsang.
13Le ba hlomphe haholoholo ka lerato, ka baka la tshebetso ya bona. Dudisanang hammoho ka kgotso.
14Hape, banabeso, re a le rapela, hore le ke le lokise ba sa yeng ka molao, le tshedise ba pelo di tepeletseng, le tiise ba fokolang, mme le be le mamello ho bohle.