Luka
Khaolo 1:11-17
BIBELE e Halalelang
11Yaba lengeloi la Morena le ipontsha ho Sakaria, le eme lehlakoreng le letona la aletare ya dibano.
12Sakaria ha a le bona, a tshoha, mme tshabo ya mo wela hodimo.
13Empa lengeloi la re o yena: Se tshabe, Sakaria, hobane thapelo ya hao e utlwilwe, mme mosadi wa hao Elisabetha o tla o tswalla mora, mme o tla mo rea lebitso la Johanne.
14E tla ba thabo le nyakallo ho wena, mme ba bangata ba tla thabela ho tswalwa ha hae.
15Hobane o tla ba moholo pela Morena, ha a ka ke a nwa veine le seno se tahang; o tla tlala Moya o Halalelang a sa le popelong ya mmae.
16O tla sokollela bana ba Iseraele ba bangata ho Morena, Modimo wa bona;
17o tla mo etella pele ka moya le ka matla a Elia, a tle a busetse dipelo tsa bontate baneng ba bona, le bahanyetsi bohlaleng ba ba lokileng, a tle a lokisetse Morena setjhaba se hlekehileng hantle.