Luka
Khaolo 1:28-34
BIBELE e Halalelang
28Lengeloi la kena ho yena, la re: Dumela, mohauhelwa: Morena o na le wena! O lehlohonolo hara basadi!
29Maria, eitse ha a le bona, a tshoha ke polelo ya lona, mme a nahana hore tumediso ya lona e reng?
30Lengeloi la re ho yena: Maria, se tshohe, hobane o bone mohau ho Modimo.
31Bona, o tla emola, mme o tla tswala mora, mme o tla mo rea lebitso la Jesu.
32O tla ba moholo, mme o tla bitswa Mora wa Ya hodimodimo; Morena Modimo o tla mo nea terone ya Davida ntatae.
33O tla busa ntlo ya Jakobo ka ho sa feleng, mme borena ba hae ha bo ka ke ba eba le bofelo.
34Empa Maria a re ho lengeloi: Taba eo e tla etsahala jwang, athe ha ke tsebe monna?