Luka
Khaolo 1:38-44
BIBELE e Halalelang
38Maria a re: Bona, ke lekgabunyane la Morena, a nke ke etswe ka polelo ya hao! Yaba lengeloi le tloha ho yena.
39Matsatsing wona ao, Maria a tloha, a phakisa a ya maloting, motseng o mong wa Juda.
40A kena tlung ya Sakaria, a dumedisa Elisabetha.
41Eitse Elisabetha ha a utlwa tumediso ya Maria, ngwana a hlasimoloha popelong ya hae. Yaba Elisabetha o tlala Moya o Halalelang,
42a phahamisa lentswe, a re: Ho lehlohonolo wena hara basadi, ho lehlohonolo le yona tholwana ya popelo ya hao.
43Mme ho ntlhahela kae ha ke etelwa ke mma Morena ka?
44O ka bona, lentswe la tumediso ya hao etsware ha le kena ditsebeng tsa ka, ngwana a hlasimoloha ke ya dumetseng; hobane ditaba tseo a di boleletsweng ke Morena di tla etsahala.