Luka
Khaolo 1:54-60
BIBELE e Halalelang
54o hlokometse Iseraele, mohlanka wa hae, a tle a hopole mohau,
55oo a neng a o etsetse Abrahama le leloko la hae ka ho sa feleng, kamoo a neng a boleletse baholo ba rona kateng.
56Maria a hlola le Elisabetha dikgwedi tse batlileng ho ba tharo, a ntoo boela tlung ya hae.
57Elisabetha a hlahelwa ke nako ya hae ya ho beleha, mme a tswala mora.
58Ba ahisaneng le yena le bahabo ba utlwa hoba Morena o tumisitse mohau wa hae ka yena, ba thaba le yena.
59Ka tsatsi la boroba meno e le mmedi, ba tla ho bolotsa ngwana, mme ba mo rea Sakaria, lebitso la ntatae.
60Mmae a araba, a re: Tjhe, empa o tla rewa la Johanne.