Luka
Khaolo 1:68-74
BIBELE e Halalelang
68Ho bokwe Morena, Modimo wa Iseraele, hobane o etetse setjhaba sa hae, mme o se lopolotse.
69O re tsoseditse lenaka la poloko tlung ya Davida, mohlanka wa hae;
70jwalokaha a ne a boletse ka molomo wa baporofeta ba halalelang ba hae, ba bileng teng mehleng ya pele,
71a re, o tla re lwela ho bao e leng dira ho rona, le matsohong a bohle ba re hloileng;
72hore a hauhele bontata rona, mme a hopole selekane sa hae se halalelang,
73e leng kano eo a neng a e anetse ntata rona Abrahama,
74ya hore, ha re lwetswe matsohong a bao e leng dira ho rona, re mo sebeletse, re sa tshabe letho,