Luka
Khaolo 1:73-79
BIBELE e Halalelang
73e leng kano eo a neng a e anetse ntata rona Abrahama,
74ya hore, ha re lwetswe matsohong a bao e leng dira ho rona, re mo sebeletse, re sa tshabe letho,
75kgalalelong le ho lokeng, pontsheng ho yena, ka matsatsi wohle a ho phela ha rona.
76Haele wena, lesea, o tla bitswa moporofeta wa Ya hodimodimo; hobane o tla etella sefahleho sa Morena pele, ho lokisa ditsela tsa hae,
77o tle o nee setjhaba sa hae tsebo ya poloko, tshwarelong ya dibe tsa bona,
78ka baka la pelo e mohau wa Modimo wa rona, eo mafube a meso a lehodimo a re etetseng ka yona,
79hore a bonese ba dutseng lefifing le moriting wa lefu, mme a tsamaise maoto a rona tseleng ya kgotso.