Luka
Khaolo 11:12-18
BIBELE e Halalelang
12Leha a kopile lehe, a ka mo fa phepheng na?
13Mme ha esita lona ba lonya, le tseba ho nea bana ba lona dintho tse molemo, Ntata lona ya lehodimong o tla fetisisa hakakang ka ho nea Moya o Halalelang ho ba o kopang ho yena!
14O ne a leleka motemona ya semumu; eitse hobane motemona a tswe, semumu sa bua, mme bongata ba makala.
15Empa ba bang ho bona ba re: O lelekisa batemona ka Beelsebule, morena wa batemona.
16Ba bang hape ba mo leka, ka ho qela pontsho e tswang lehodimong.
17Empa Jesu a tseba mehopolo ya bona, mme a re ho bona: Mmuso o mong le o mong o arohaneng ho itwantsha, o tla fetoha lesupi; mme ntlo e nngwe le e nngwe e arohaneng ho itwantsha, e tla wa.
18Ka baka leo, Satane le yena, ha a ka arohana ho itwantsha, mmuso wa hae o tla tiya jwang, haele moo lona le bolela hore ke leleka batemona ka Beelsebule?