Luka
Khaolo 11:16-22
BIBELE e Halalelang
16Ba bang hape ba mo leka, ka ho qela pontsho e tswang lehodimong.
17Empa Jesu a tseba mehopolo ya bona, mme a re ho bona: Mmuso o mong le o mong o arohaneng ho itwantsha, o tla fetoha lesupi; mme ntlo e nngwe le e nngwe e arohaneng ho itwantsha, e tla wa.
18Ka baka leo, Satane le yena, ha a ka arohana ho itwantsha, mmuso wa hae o tla tiya jwang, haele moo lona le bolela hore ke leleka batemona ka Beelsebule?
19Ha efela nna ke leleka batemona ka Beelsebule, bara ba lona ba ba leleka ka mang? E tla ba bona baahlodi ba lona ke hona.
20Empa, ekare ha ke leleka batemona ka monwana wa Modimo, mmuso wa Modimo o le fihletse ruri.
21Mohla senatla se tshwereng marumo, se lebelang ntlo ya sona, mesebetsi ya sona kaofela e ituletse hantle;
22empa, ha ho ka tla e mong ya se fetisang ka matla, a se hlola, o tla se amoha dihlomo tsohle tseo se di tshepileng, a hapisise tse hapilweng ke sona.