Luka
Khaolo 11:18-24
BIBELE e Halalelang
18Ka baka leo, Satane le yena, ha a ka arohana ho itwantsha, mmuso wa hae o tla tiya jwang, haele moo lona le bolela hore ke leleka batemona ka Beelsebule?
19Ha efela nna ke leleka batemona ka Beelsebule, bara ba lona ba ba leleka ka mang? E tla ba bona baahlodi ba lona ke hona.
20Empa, ekare ha ke leleka batemona ka monwana wa Modimo, mmuso wa Modimo o le fihletse ruri.
21Mohla senatla se tshwereng marumo, se lebelang ntlo ya sona, mesebetsi ya sona kaofela e ituletse hantle;
22empa, ha ho ka tla e mong ya se fetisang ka matla, a se hlola, o tla se amoha dihlomo tsohle tseo se di tshepileng, a hapisise tse hapilweng ke sona.
23Ya sa ntwaneleng o a ntwantsha; le ya sa bokelleng le nna o a hasanya.
24Moya o ditshila ha o tswile ho motho, o ikela dithoteng tse tjheleng o ntse o batla phomolo; empa ha o e hlokile, o re: A nke ke boele tlung ya ka eo ke tswileng ho yona.