Luka
Khaolo 11:37-43
BIBELE e Halalelang
37A re a sa bua, mofarisi e mong a mo rapela, hore a ke a tle ho ja le yena; a ya, a dula dijong.
38Empa mofarisi a makala, ha a bona hobane ha a ka a itlhatswa, ha ho tla jewa.
39Morena a re ho yena: Lona bafarisi, le hlatswa sejana le mokeke kantle, kanthe kahare ho lona ho tletse boshodu le lonya.
40Mawatla ting! ya entseng bokantle, na ha a ka a etsa le bokahare na?
41Le mpe le fane ka dintho tsa lona, mme dintho kaofela di tla hlweka ho lona.
42Empa ho madimabe lona, bafarisi, hobane le ntsha karolo ya leshome ya kwena, le ya serue, le ya meroho yohle, mme le feta ho loka le lerato la Modimo! Anthe le ne le tshwanetse ho etsa ntho tsena, le ntse le sa tlohele ho etsa tseno.
43Ho madimabe lona, bafarisi, hobane le rata ditulo tse kapele masinagogeng, le ho dumediswa mapatlelong.