Luka
Khaolo 11:43-49
BIBELE e Halalelang
43Ho madimabe lona, bafarisi, hobane le rata ditulo tse kapele masinagogeng, le ho dumediswa mapatlelong.
44Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi, hobane le jwaloka mabitla a sa bonahaleng, ao batho ba a hatang ba sa tsebe.
45Yaba e mong wa baruti ba molao o araba, a re ho yena: Moruti, ha o bua jwalo, o a re omanya le rona.
46Jesu a re: Ho madimabe le lona, baruti ba molao; hobane le jarisa batho diphahlo tse ba imelang, mme lona, le hana ho ama diphahlo tseo leha e le ka o mong wa menwana ya lona.
47Ho madimabe lona, hobane le haha mabitla a baporofeta ba bolailweng ke bontata lona;
48le fela le iketsa dipaki le ho dumela diketso tsa bontata lona; hobane ba ba bolaile, mme lona, le haha mabitla a bona.
49E sa le ka baka leo bohlale ba Modimo bo boletsweng, ba re: Ke tla ba romela baporofeta le baapostola, mme ba tla bolaya ba bang ho bona, ba hlorise ba bang;