Luka
Khaolo 11:46-52
BIBELE e Halalelang
46Jesu a re: Ho madimabe le lona, baruti ba molao; hobane le jarisa batho diphahlo tse ba imelang, mme lona, le hana ho ama diphahlo tseo leha e le ka o mong wa menwana ya lona.
47Ho madimabe lona, hobane le haha mabitla a baporofeta ba bolailweng ke bontata lona;
48le fela le iketsa dipaki le ho dumela diketso tsa bontata lona; hobane ba ba bolaile, mme lona, le haha mabitla a bona.
49E sa le ka baka leo bohlale ba Modimo bo boletsweng, ba re: Ke tla ba romela baporofeta le baapostola, mme ba tla bolaya ba bang ho bona, ba hlorise ba bang;
50hore madi a baporofeta bohle a tsholotsweng, haesale lefatshe le thewa, a batlwe ho moloko ona,
51ho qala ka madi a Abele, ho qetella ka madi a Sakaria, ya bolailweng mahareng a aletare le tempele. E, ke rialo ho lona, ke re: A tla batlwa ho moloko ona.
52Ho madimabe lona, baruti ba molao, hobane le nkile senotlolo sa tsebo; ka sebele sa lona, ha le a ka la kena; hape, le thibetse le ba kenang.