Luka
Khaolo 12:22-28
BIBELE e Halalelang
22Yaba o re ho barutuwa ba hae: Ka baka leo, ke re ho lona: Le se ke la belaela ka tsa ho phela ha lona, ka seo le tla se ja, leha e le ka sa mmele, ka seo le tla se apara.
23Bophelo bo fetisa dijo, le mmele o fetisa diaparo.
24Lemohang makgwaba; ha a leme, ha a kotule, ha a na ntlo moo a bolokelang teng, leha e le modiko; mme Modimo o a a fepa. Le fetisa dinonyana hakakang!
25Ke mang hara lona ya ka eketsang boemo ba hae ka setswe se le seng ka ho belaella teng?
26Mme jwale, ha esita tse nyenyane di le hlola, le ipelaetsa keng ka tse ding?
27Lemohang dikgahla kamoo di melang kateng; ha di sebetse, ha di ohle; leha ho le jwalo, ke re ho lona: Esita le Salomone, kganyeng yohle ya hae, ha a ka a ba le seaparo se jwaloka sa e nngwe ya tsona.
28Mme jwale, erekaha Modimo o apesa jwalo jwang ba naheng, bo leng teng kajeno, mme hosasane bo se bo tla lahlelwa seboping, na haholo o ke ke wa le apesa lona batho ba tumelo e nyenyane!