Luka
Khaolo 12:24-30
BIBELE e Halalelang
24Lemohang makgwaba; ha a leme, ha a kotule, ha a na ntlo moo a bolokelang teng, leha e le modiko; mme Modimo o a a fepa. Le fetisa dinonyana hakakang!
25Ke mang hara lona ya ka eketsang boemo ba hae ka setswe se le seng ka ho belaella teng?
26Mme jwale, ha esita tse nyenyane di le hlola, le ipelaetsa keng ka tse ding?
27Lemohang dikgahla kamoo di melang kateng; ha di sebetse, ha di ohle; leha ho le jwalo, ke re ho lona: Esita le Salomone, kganyeng yohle ya hae, ha a ka a ba le seaparo se jwaloka sa e nngwe ya tsona.
28Mme jwale, erekaha Modimo o apesa jwalo jwang ba naheng, bo leng teng kajeno, mme hosasane bo se bo tla lahlelwa seboping, na haholo o ke ke wa le apesa lona batho ba tumelo e nyenyane!
29Ka baka leo, le se ke la batla seo le tla se ja le seo le tla se nwa, mme le se ke la ipelaetsa;
30hobane dintho tseo kaofela di batlwa ke ditjhaba tsa lefatshe; empa Ntata lona o tseba hobane le a di hloka;