Luka
Khaolo 12:27-33
BIBELE e Halalelang
27Lemohang dikgahla kamoo di melang kateng; ha di sebetse, ha di ohle; leha ho le jwalo, ke re ho lona: Esita le Salomone, kganyeng yohle ya hae, ha a ka a ba le seaparo se jwaloka sa e nngwe ya tsona.
28Mme jwale, erekaha Modimo o apesa jwalo jwang ba naheng, bo leng teng kajeno, mme hosasane bo se bo tla lahlelwa seboping, na haholo o ke ke wa le apesa lona batho ba tumelo e nyenyane!
29Ka baka leo, le se ke la batla seo le tla se ja le seo le tla se nwa, mme le se ke la ipelaetsa;
30hobane dintho tseo kaofela di batlwa ke ditjhaba tsa lefatshe; empa Ntata lona o tseba hobane le a di hloka;
31le mpe le batle mmuso wa Modimo pele, mme ntho tseo kaofela le tla di ekeletswa.
32Mohlatswana, se tshabe, hobane ho kgahlile Ntata lona ho le fa mmuso.
33Bapatsang ka tseo le nang le tsona, mme le fane; iketsetseng mekotla e sa tsofaleng, letlotlo le sa feleng mahodimong, moo leshodu le sa atameleng teng, le moo tshwele e sa senyeng.