Luka
Khaolo 12:34-40
BIBELE e Halalelang
34Hobane, moo letlotlo la lona le leng teng, ke moo le dipelo tsa lona di tla ba teng.
35Matheka a lona a tlangwe, mme mabone a lona a tuke.
36Le lona le be jwaloka batho ba lebeletseng morena wa bona hore na o tla kgutla neneng bohading, hore, etlere ha a fihla, a kokota, ba mmulele hanghang.
37Ho lehlohonolo bahlanka bao, morena ha a fihla, a tla ba fumana ba fadimehile! Kannete ke re ho lona: O tla itlama, a ba dudise dijong, mme o tla atamela, a ba sebeletse.
38Leha a ka tla tebelong ya bobedi, leha a ka tla tebelong ya boraro, mme a ba fumana ba le jwalo, ho lehlohonolo bahlanka bao.
39Le lemohe hoba, hola monga ntlo a ka tseba nako eo leshodu le tla tla ka yona, a ka lebela, a se ke a lesa ntlo ya hae ya phunngwa.
40Jwale, le lona le itokise; hobane Mora motho o tla tla ka nako eo le sa e hopolang.