Luka
Khaolo 13:14-20
BIBELE e Halalelang
14Empa mmusi wa sinagoge a hlonama ke hobane Jesu a fodisitse motho ka Sabatha, mme a bolella batho, a re: Matsatsi a tsheletse ao e ka kgonang ho sebetswe ka wona; le no tla ka wona ho tla fodiswa, e seng ka letsatsi la Sabatha.
15Empa Morena a mo araba, a re: Baikaketsi! na e mong le e mong wa lona ha a ke a lokolla kgomo ya hae, leha e le esele ya hae sejelong ka Sabatha, a tle a e ise ho nwa na?
16Mme mosadi enwa, e leng moradi wa Abrahama, ya bofilweng ke Satane dilemo di se di le leshome le metso e robileng meno e le mmedi, o ne a sa tshwanele keng ho lokollwa tlamong eo ka letsatsi la Sabatha na?
17A re a sa bolela taba tseo, bahanyetsi ba ha e ba swaba bohle; mme bongata bohle ba thabela mesebetsi yohle ya bokgabane e etswang ke yena.
18A boela a re: Mmuso wa Modimo o tshwana le eng, mme ke tla o tshwantsha kang?
19O tshwana le hlaku ya mosetareta, eo motho a e nkileng, a e sunya tshimong ya hae; ya mela, ya eba sefate se seholo, mme dinonyana tsa lehodimo tsa aha makaleng a sona.
20A boela a re: Mmuso wa Modimo ke tla o tshwantsha kang?