Luka
Khaolo 13:17-23
BIBELE e Halalelang
17A re a sa bolela taba tseo, bahanyetsi ba ha e ba swaba bohle; mme bongata bohle ba thabela mesebetsi yohle ya bokgabane e etswang ke yena.
18A boela a re: Mmuso wa Modimo o tshwana le eng, mme ke tla o tshwantsha kang?
19O tshwana le hlaku ya mosetareta, eo motho a e nkileng, a e sunya tshimong ya hae; ya mela, ya eba sefate se seholo, mme dinonyana tsa lehodimo tsa aha makaleng a sona.
20A boela a re: Mmuso wa Modimo ke tla o tshwantsha kang?
21O tshwana le ditomoso tseo mosadi a di nkileng, a di kenya phofong e tekanyo tse tharo, ho fihlela ha e kokomohile kaofela.
22Jesu a nna a ya le metse le metsana, a ntse a ruta, a lebile Jerusalema.
23E mong a re ho yena: Morena, hleka ba tlang ho bolokeha ha ba bakae na? A re ho bona: