Luka
Khaolo 13:22-28
BIBELE e Halalelang
22Jesu a nna a ya le metse le metsana, a ntse a ruta, a lebile Jerusalema.
23E mong a re ho yena: Morena, hleka ba tlang ho bolokeha ha ba bakae na? A re ho bona:
24Etsang ka matla ho kena ka monyako o patisaneng; hobane ke a le bolella, ba bangata ba tla rata ho kena, mme ba tla sitwa.
25Etlare monga ntlo ha a se a tsohile, mme a kwetse monyako, lona le tla qala ho ema kantle, le ho kokota monyako, le re: Morena, Morena, re bulele! Mme o tla araba, a re ho lona: Ha ke le tsebe moo le tswang teng.
26Etlaba hona le qalang ho re: Re kile ra ja, ra ba ra nwa re ena le wena, mme o rutile diterateng tsa metse ya rona.
27Mme o tla re: Ke a le bolella, ke re: Ha ke le tsebe hore na le ba hokae; ntloheleng, lona bohle ba etsang ho sa lokang.
28Ke moo ho tla ba dillo le ditsikitlano tsa meno, ha le bona Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, le baporofeta bohle, mmusong wa Modimo, mme lona la lahletswe ntle.