Luka
Khaolo 14:1-7
BIBELE e Halalelang
1Ya na yare ha a kene, ka Sabatha, tlung ya e mong wa baholo ba bafarisi ho ja bohobe teng, ba mo ela hloko.
2Mme motho ya kgotsheng seema o ne a le pela hae.
3Yaba Jesu o bua, a re ho baruti ba molao le ho bafarisi: Na ho ka lokela ho fodisa motho ka Sabatha na? Kapa tjhe?
4Empa ba kgutsa. Yaba o mo nka, a mo fodisa, mme a mo kgutlisa.
5Yaba o bua, a re ho bona: Ke mang ho lona, ekareng ha esele ya hae, leha e le kgomo ya hae, e wetse mokoting, a ke keng a phakisa ho e nyolla ka tsatsi la Sabatha na?
6Mme ba sitwa ho mo araba mantsweng ao.
7Ha a lemoha kamoo ba bileditsweng dijong ba ikgethelang ditulo tse kapele kateng, a ba bolella setshwantsho, a re: