Luka
Khaolo 14:27-33
BIBELE e Halalelang
27E mong le e mong ya sa jareng sefapano sa hae, a ntatela, o sitwa ho ba morutuwa wa ka.
28Hobane ke mang hara lona, ha a rata ho haha tora, a ke keng a dula pele ho bala se tla ntshetswa yona, a tle a bone ha a ena le seo a ka e phethang ka sona?
29Esere mohlomong, ha a theile motheo, mme a sitwa ho phetha, bohle ba bonang ba qala ho mo soma,
30ba re: Motho enwa o qadile ho haha, mme o sitilwe ho phetha.
31Kapa morena ke ofe, ya futuhelang morena e mong, a ke keng a dula pele, a nahana hore na ka batho ba dikete tse leshome le le leng, a ka ya kgahlanyetsa ya tlang ho mo lwantsha ka dikete tse mashome a mabedi na?
32Ha ho se jwalo, eo ha a sa le hole, a ka roma manqosa ho yena ho ya botsa tsa kgotso.
33Ka mokgwa o jwalo, e mong le e mong hara lona, ya sa teleng tsohle tseo a nang le tsona, o sitwa ho ba morutuwa wa ka.