Luka
Khaolo 15:13-19
BIBELE e Halalelang
13Ha feta matsatsi a se makae, mora wa hae e monyenyane a bokella tsohle, a fallela naheng e hole, a qhalanya letlotlo la hae teng ka ho phela ka bohlola.
14Eitse hobane a qete tsohle, ha wa tlala e kgolo lefatsheng leo; mme a qala ho hloka.
15A ya tholwa ke e mong wa batho ba naha eo; eo a mo romela merakeng ya hae ho alosa dikolobe.
16O ne a lakatsa ho kgorisa mpa ya hae ka makgapetla a jewang ke dikolobe; empa o ne a sa fuwe ke motho.
17Yaba moo a ikgopolang, a re: Bahlanka ba bangata hakakang ha ntate ba hlolwang ke bohobe; mme nna mona ke bolawa ke tlala!
18Ke tla tsoha, ke ye ho ntate; mme ke tla re ho yena: Ntate, ke sitetswe lehodimo le wena;
19ha ke sa tshwanela ho bitswa mora wa hao; o nketse ya jwaloka e mong wa bahlanka ba hao.