Luka
Khaolo 15:24-30
BIBELE e Halalelang
24Hobane mora enwa wa ka o ne a shwele, mme jwale o boetse o pholohile; o ne a lahlehile, mme jwale o boetse o fumanwe. Mme ba qala ho nyakalla.
25Empa mora wa hae e moholo o ne a le naheng; eitse ha a fihla a atamela ntlo, a utlwa dipina le mehobelo.
26A bitsa e mong wa bahlanka, a mmotsa, a re: Taba tseo ke eng?
27Eo a re ho yena: Moenao o fihlile, mme ntatao o hlabile namane e nontshitsweng, hobane o bile a mmona a sa phela.
28Yaba o a halefa, a hana ho kena. Ntatae a mpa a tswa, a mo rapela, a re, a kene.
29Yena a araba, a re ho ntatae: Bona! Ke o sebeleditse dilemo tse kalo, ke sa tlole ditaelo tsa hao, mme ha o eso ho nnee le potsanyane hore ke thabe le metswalle ya ka.
30Empa enwa mora wa hao, ya jeleng letlotlo la hao kaofela le dinyatsi, ere a sa fihla, o mo hlabetse namane e nontshitsweng.