Luka
Khaolo 16:5-11
BIBELE e Halalelang
5Yaba o bitsa ba namileng ho morena wa hae ka bonngwe, a re ho wa pele: O namile ho morena wa ka ka ho le hokae?
6Eo a re: Ka dibathe tsa ole tse lekgolo. A re ho yena: Nka lengolo la hao la molato, mme o dule, o phakise o ngole tse mashome a mahlano.
7A ntoo re ho e mong: Na wena, o namile ka ho le hokae? Eo a re: Ka dikore tsa koro tse lekgolo. A re ho yena: Nka lengolo la hao, mme o ngole tse mashome a robileng meno e le mmedi.
8Mme monga hae a rorisa qhoku e sa lokang, hobane e entse ka bohlale. Efela bana ba lefatshe lena, molokong oo e leng wa bona, ba fetisa bana ba lesedi ka bohlale.
9Le nna ke re ho lona: Iketsetseng metswalle ka matlotlo a sa lokang; hore, etlere mohla a hlokahalang, ba le amohele meahong e sa feleng.
10Ya leng kgabane ho tse nyenyane, le ho tse kgolo o tla ba kgabane; mme ya sa lokang ho tse nyenyane, a ke ke a loka le ho tse kgolo.
11Ha esita maruong a sa lokang le sa ka la ba kgabane, ke mang ya tla le tshepela maruo a nnete?