Luka
Khaolo 17:12-18
BIBELE e Halalelang
12Eitse ha a kena motsaneng o mong, a kgahlana le banna ba leshome, e leng balepera, ba neng ba eme hojana.
13Ba phahamisa mantswe, ba re: Jesu, Monghadi, re hauhele.
14Mme ha aba bona, a re ho bona: Eyang, le ipontshe ho baprista. Ba re ba sa ya, ba hla ba ntlafala.
15E mong wa bona, eitse ha a fihlela hobane o fodile, a kgutla le mehlala ya hae, a ntse a rorisa Modimo ka lentswe le leholo;
16mme a itihela maotong a Jesu ka sefahleho, a mo leboha. Athe eo e ne e le Mosamaria.
17Yaba Jesu o bua, a re: Na ha ba ka ba ntlafala ba le leshome na? Ba robileng mono o le mong ba kae na?
18Ha ba ka ba boya, ba tle ba tlotlise Modimo, haese motho enwa wa mofuta osele?