Luka
Khaolo 17:19-25
BIBELE e Halalelang
19Yaba o re ho yena: Ema, o ikele; tumelo ya hao e o pholositse.
20Eitse ha Jesu a botswa ke bafarisi, hore mmuso wa Modimo o tla tla neng, a ba araba, a re: Mmuso wa Modimo ha o tle ka ho lemohuwa.
21Ho ke ke ha thwe: Bonang, o mona; kapa: Bonang, o mane; hobane mmuso wa Modimo o se o le kahare ho lona.
22A re ho barutuwa: Ho tla matsatsi ao le tla lakatsa ho bona le leng la matsatsi a Mora motho, mme le ke ke la le bona.
23Ho tla thwe ho lona: Bonang, o mona; kapa: Bonang, o mane. Le se ke la ya teng, mme le se ke la mathela teng.
24Hobane jwaloka lehadima, ha le hadima, le ye le hadime ho qala nqa e nngwe tlasa lehodimo, ho isa nqa e nngwe tlasa lehodimo, ho tla ba jwalo le Mora motho tsatsing la hae.
25Empa e ka kgona a utlwiswe bohloko bo boholo pele, a lahlwe ke moloko ona.