Luka
Khaolo 18:1-7
BIBELE e Halalelang
1Le hona Jesu a ba bolella setshwantsho sa ho re, e ka kgona ba rapele kamehla, mme ba se ke ba kgathala!
2A re: Moahlodi o ne a le teng motseng o itseng, ya sa tshabeng Modimo, mme le batho a sa re letho ka bona.
3Hape, ho ne ho le mosadi wa mohlolohadi motseng oo, ya neng a etla ho yena, a re: Nkahlolele ho ya ntsekisang.
4A hana halelele; empa kamorao, a imamela, a re: Leha ke sa tshabe Modimo, ke sa re letho ka batho,
5leha ho le jwalo, kahobane mohlolohadi eo o a nkgathatsa, ke tla mo ahlolela, a tle a se ke a nngamola hlooho ka ho nna a etla kamehla.
6Morena a re: Utlwang se bolelwang ke moahlodi eo ya sa lokang.
7Mme Modimo wona, na o ke ke wa ahlolela bakgethwa ba wona, ba bitsang ho wona motshehare le bosiu, leha o dieha ho halefa ka baka la bona na?