Luka
Khaolo 18:17-23
BIBELE e Halalelang
17Kannete ke re ho lona: Leha e ka ba mang, ya sa amoheleng mmuso wa Modimo jwaloka ngwana, a ke ke a kena teng.
18Yaba mmusi e mong wa sinagoge o mmotsa, a re: Moruti ya molemo, ke tla etsa eng ho rua lefa la bophelo bo sa feleng?
19Jesu a re ho yena: O mpiletsang ya molemo? Ha ho ya molemo, haese a le mong, e leng Modimo.
20O tseba melao e reng: O se ke wa feba; o se ke wa bolaya; o se ke wa utswa; o se ke wa bea bopaki ba bohata; hlonepha ntatao le mmao.
21A re: Ntho tseo kaofela ke di bolokile haesale bonyenyaneng ba ka.
22Eitse hobane Jesu a utlwe hoo, a re ho yena: O sa hloka ntho e le nngwe: Rekisa ka dintho tsa hao tsohle, mme o di abele bafumanehi, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; o ntano tla, o ntatele.
23Empa eo, hoba a utlwe taba tseo, a swaba haholo; hobane a ne a ruile haholo.