Luka
Khaolo 18:22-28
BIBELE e Halalelang
22Eitse hobane Jesu a utlwe hoo, a re ho yena: O sa hloka ntho e le nngwe: Rekisa ka dintho tsa hao tsohle, mme o di abele bafumanehi, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; o ntano tla, o ntatele.
23Empa eo, hoba a utlwe taba tseo, a swaba haholo; hobane a ne a ruile haholo.
24Eitse ha Jesu a bona hobane o swabile haholo, a re: Ho thata hakakang ho ba nang le maruo ho kena mmusong wa Modimo!
25Ho ka ba bonolo hore kamele e kene ka lesoba la lemao, ho ena le hore morui a kene mmusong wa Modimo.
26Ba utlwileng tseo ba re: Ho ka bolokeha mang na?
27Jesu a re: Tse sitang batho ha di site Modimo.
28Yaba Petrose o re: Bona, re tlohetse hohle, mme re o latetse.