Luka
Khaolo 18:29-35
BIBELE e Halalelang
29Jesu a re ho bona: Kannete ke re ho lona: Ha ho motho ya tlohetseng ntlo, leha e le baholo ba hae, leha e le banababo, leha e le mosadi, kapa bana, ka baka la mmuso wa Modimo,
30a sa tlo ka a bona, mehleng ena, haholoholo ho tseo, le mehleng e tlang a bone bophelo bo sa feleng.
31A nkela ho yena ba leshome le metso e mmedi, a ba bolella, a re: Bonang, re nyolohela Jerusalema, mme tsohle tsa Mora motho tse ngodilweng ke baporofeta di tla phethahala.
32Hobane o tla neelwa baditjhaba, mme o tla songwa, a etswe hampe, a tshwelwe ka mathe.
33Mme etlare hobane ba mo shape, ba tla mmolaya; mme o tla tsoha bafung ka letsatsi la boraro.
34Empa ha ba ka ba utlwisisa taba tseo; polelo eo e ne e patehile ho bona, ba se ke ba utlwisisa tse bolelwang.
35Eitse ha a atamela Jeriko, sefofu se kopang se ne se dutse pela tsela.