Luka
Khaolo 18:32-38
BIBELE e Halalelang
32Hobane o tla neelwa baditjhaba, mme o tla songwa, a etswe hampe, a tshwelwe ka mathe.
33Mme etlare hobane ba mo shape, ba tla mmolaya; mme o tla tsoha bafung ka letsatsi la boraro.
34Empa ha ba ka ba utlwisisa taba tseo; polelo eo e ne e patehile ho bona, ba se ke ba utlwisisa tse bolelwang.
35Eitse ha a atamela Jeriko, sefofu se kopang se ne se dutse pela tsela.
36Yare ha se utlwa bongata bo feta, sa botsa, sa re: Ke eng?
37Ba se bolella hore ke Jesu wa Nasaretha ya fetang.
38Yaba se howa, se re: Jesu, mora Davida, nkutlwele bohloko!