Luka
Khaolo 18:34-40
BIBELE e Halalelang
34Empa ha ba ka ba utlwisisa taba tseo; polelo eo e ne e patehile ho bona, ba se ke ba utlwisisa tse bolelwang.
35Eitse ha a atamela Jeriko, sefofu se kopang se ne se dutse pela tsela.
36Yare ha se utlwa bongata bo feta, sa botsa, sa re: Ke eng?
37Ba se bolella hore ke Jesu wa Nasaretha ya fetang.
38Yaba se howa, se re: Jesu, mora Davida, nkutlwele bohloko!
39Ba eteletseng pele ba se kgalemela, ba re, se kgutse; empa ke ha se tla eketsa ho howa, se re: Mora Davida, nkutlwele bohloko!
40Jesu a ema, a ba laela hore ba se tlise ho yena; eitse ha se atametse, a se botsa,